Bili Ya Ditokelo Le Boikarabello (Bill of Rights and Responsibilities, BRR) Bakeng Sa Dipatlisiso Tsa HIV

Tokomane ena e fana ka lenane le lekgutshwane la ditokelo le boikarabello tseo o nang le tsona ha o nkile karolo tekong ya moriana ya HIV Vaccine Trials Network (HVTN). Sepheo sa Bili ya Ditokelo le Boikarabello ke ho thusa bankakarolo patlisisong ho nka dikgato ka bobona le ka selekane le basebetsi ba phuputso. Sheba foromo ya tumelo e bontshang kutlwisiso bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng.

The Participants' Bill of Rights and Responbilities are available in the following languages:

Ditokelo tsa Monkakarolo

Jwalo ka monkakarolo phuputsong ya boithuto e amanang le HVTN HIV/AIDS, o na le tokelo ya:

  • Ho ba le tlhahisoleseding yohle e tsejwang, ho kenyeletswa dikotsi le melemo tse ka bang teng tsa bonkakarolo phuputsong, e tekilweng ho wena ka tsela eo o ka e utlwisisang. O tla jwetswa mabapi le tlhahisoleseding efe kapa efe e ntjha e ithutilweng nakong ya phuputso. 
  • Hore dipotso tsohle di arajwe. 
  • Ho hana ho kenela phuputso kapa o etsa qeto ya ho tswa phuputsong ka nako efe kapa efe. Hape o ka hana ho kenela diphuputso dife kapa dife tsa tshalomorao tseo o jwetsitsweng ka tsona. O ke ke wa lahlehelwa ke dife kapa dife tsa ditokelo tse boletsweng tokomaneng ena haeba o hana ho kenela phuputso kapa o tswa phuputsong.
  • Tikoloho ya phuputso e hlokang kgethollo. Dikgetho tsa hao tsa botho, maano, ditumelo, le maemo a tsa botjhaba di tla hlomphuwa ke batho ba tsamaisang phuputso.
  • Phetisetso ho ba ditshebeletso tse fumanehang tsa dikeletso, tshehetso, bongaka, le kalafo bakeng sa bokudi bo o tshwereng ha o ntse o kenetse phuputso, ho kenyeletswa HIV.
  • Thuso e rarollang mathata a setjhabeng a amanang le phuputso le/kapa kgethollo. Ka tumello ya hao, re ka buisana le batho bao o kopang hore re ikopanye le bona ho ba hlalosetsa mabapi le bonkakarolo ba hao phuputsong.
  • Kalafo bakeng sa ditemalo tsa mmeleng, haeba di ka hlaha, bakeng sa temalo efe kapa efe e ka nnang ya ba e amana le dihlahiswa kapa mekgwatshebetso tsa phuputso ho feta sesosa sefe kapa sefe se seng, ho fihlela ka moo ho hlalositsweng ka teng foromong ya tumelo e bontshang kutlwisiso. Ho na le tjhelete ya ho lefella kalafo bakeng sa ditemalo tsena. Sehlopha se lekodisang ditaba tse amang polokeho bakeng sa phuputso se etsa qeto mabapi le kamano ya temalo le phuputso. O ka nna wa batla hore qeto e lekodiswe botjha haeba o e hanyetsa. Maemong a mang, tjhelete e ka nna ya se lekane ho ka lefella kalafo e feletseng. Dihlopha tse amehang phuputsong di tla fana ka tjhelete e eketsehileng haeba ho hlokeha, empa ba ke ke ba fana ka tiisetso ya sena. Basebetsi ba heno ba phuputso ba ka fana ka tlhahisoleseding e eketsehileng mabapi le taba ena mme ba tla araba dipotso dife kapa dife tseo o ka bang le tsona kapa ba o kopanye le motho ya maemong a matle ka ho fetisisa ho ka araba dipotso tsa hao.
  • Diteko tse nepahetseng tsa mahala bakeng sa ho etsa teko ya tshwaetso ya HIV nakong ya phuputso. Haeba, qetellong ya phuputso, o fumana teko e reng o na le HIV e bakilweng ke sehlahiswa sa phuputso mme e seng tshwaetso ya HIV, o ka fumana teko ya tshalomorao tleliniking ya phuputso kapa ka tshebeletso ya diteko ya HVTN ho fihlela teko e bontsha hore ha o na HIV.
  • Thuso mabapi le ho phethahatsa boikarabello ba phuputsong. Lenane la dintho tse fumanehang ho wena le tla fanwa ho wena ke setsi sa phuputso. 
  • Sephiri. Dikgokahano le direkoto tse mabapi le wena le bonkakarolo ba hao phuputsong di tla arolelanwa feela moo ho hlokehang ho ka tsamaisa phuputso, kapa haeba ho hlokeha ka molao. Sheba foromo ya tumelo e bontshang kutlwisiso ya setsi sa heno sa phuputso bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng.
  • Ho fuwa karete ya boitsebiso ya phuputso e bontshang hore o kenetse phuputso. Karete ena ya boikgethelo e tla kenyeletsa nomoro ya mohala le/kapa aterese ya motho ya ka fanang ka tlhahisoleseding ya tlatsetso.
  • Tswelletsa ditokelo tsa hao tsa molao. Jwalo ka monkarolo tekong, ha o nyahlatse ditokelo dife kapa dife tsa hao.
  • Ho jwetswa hore na o neo fuwa sekamoriana kapa sehlahiswa se sebetsang sa phuputso ha phuputso e fihla pheletsong, kapa haeba ho hlokeha ka mabaka a bongaka.
  • Ho kgemiswa le dinako mabapi le kgatelopele diphuputsong, ho jwetswa hore na diphetho tsa phuputso di tla fumaneha neng, mme basebetsi ba phuputso ba arolelane le ho hlalosa diphetho tsa phuputso.
  • Ho tseba haeba ho na le ditjeo tse amanang le bonkakarolo le hore na o tla fumana matshediso bakeng sa bonkakarolo ba hao.

Boikarabello ba Monkakarolo

Jwalo ka monkakarolo phuputsong ya boithuto e amanang le HVTN HIV/AIDS, o na le boikarabello ba:

  • Ho lekodisa le ho bontsha kutlwisiso ya dimatheriale tsohle tse fanweng ho wena, ho kenyeletswa ditokomane tsa tumelo e bontshang kutlwisiso. Kopa tlhaloso ya tlhahisoleseding efe kapa efe eo sa e utlwisiseng pele o ka dumela ho nka karolo phuputsong. Hape o ka botsa dipotso ka nako efe kapa efe ya phuputso.
  • Etsa qeto e nang le lesedi mabapi le hore na o nka karolo phuputsong kapa tjhe kamora ho lekanya dikotsi le melemo. Ho bohlokwa ho tseba seo phuputso e leng mabapi le sona. Basebetsi ba tla o thusa ka sena. Haeba ho o thusa hore o etse qeto, bua le batho bao o ba tshepang mabapi le hore na ho kenela phuputso ho o loketse.
  • Jwetsa basebetsi ba phuputso kapele ka moo ho ka kgonehang haeba o ba le ho kgethollwa le/kapa kotsi ya setjhabeng eo o nahanang hore e ka nna yaba e amana le bonkakarolo ba hao tekong.
  • Se ke wa fana ka madi kapa ditho tsa mmele kapa maro a mang a mmele nakong ya phuputso.
  • Fumana teko ya hao ya HIV e etswang feela setsing sa phuputso nakong yohle eo phuputso e tswellang. Buisana le basebetsi ba phuputso haeba o batla ho etswa teko sebakeng se seng.
  • Haeba o ka kgona ho ima, qoba boimana nakong ya phuputso ka ho sebedisa mekgwa ya thibelo ya pelehi e sebetsang ka katleho. Basebetsi ba tla lekodisa mekgwa ya thibelo ya pelehi e sebetsang ka katleho mmoho le wena.
  • Boloka ditumellano tsa hao tsa diketelo tsa phuputso. Jwetsa ngaka ya phuputso kapele ka moo o ka kgonang haeba o hloka ho hlophisa ketelo botjha.
  • Tshwara basebetsi ba phuputso ka tlhompho.
  • Boloka bonkakarolo ba batho ba bang phuputsong sephiring.
  • Efa bankakarolo ba phuputsong tlhahisoleseding e amanang le phuputso e feletseng mme e nepahetseng. Jwetsa basebetsi ba phuputsong mabapi le diphetoho dife kapa dife dintlheng tsa hao tsa boikopanyo kapa tlhahisolesedi ya bophelo.
  • Latela ditaelo tsa basebetsi ba phuputso ka bokgoni bohle boo o nang le bona. Sebetsa mmoho le basebetsi ba phuputso ho tswelletsa bophelo ba hao bo botle le polokeho nakong ya teko.
  • Jwetsa basebetsi ba phuputso kapele ka moo ho kgonehang haeba o sa kgone ho tswela pele kapa haeba o etsa qeto ya ho emisa bonkakarolo ba hao phuputsong.

Boikarabelo ba Basebetsi wa Phuputso

Basebetsi ba phuputso ba HVTN, ho kenyeletswa Mofuputsi wa sehlooho (Investigator (PI)) tleliniking ena ya phuputso, ba na le biokarabelo ba:

  • Ho rerisana le setjhaba sa lehae mabapi le ditaba tse amang patlisiso le ho netefatsa hore ho ba le boemedi bo hlokang leeme ba bankakarolo tekong ya moriana. 
  • Ho ikarabela ho le ho fumana tshupiso ho tswa setheong se tsamaisang patlisiso, jwalo ka Boto ya Tekolo ya Setsi (Institutional Review Board (IRB)) kapa komiti e tshwanang ya patlisiso ya boitshwaro tshebetsong.
  • Ho fumana tumelo e bontshang kutlwisiso ho tswa bankakarolong bakeng sa mesebetsi yohle e amanang le dipatlisiso kapa ditharollo. Haeba ho ba le diphetoho tse kgolo phuputsong, tumelo e tswang ho bankakrolo ba hajwale e tla fumanwa hape.
  • Ho etsa phuputso ka tsela e ikamahanyang le melao ya tshebetso, ho kenyeletswa ho sireletsa ditokelo, sephiri le boitekanelo ba bankakarolo phuputsong ya boithuto. Qetellong ya phuputso, basebetsi ba phuputso ba na le boikarabello ba ho tsebisa bankakarolo hore ke sehlahiswa sefe seo ba neng ba se fumana mmoho le ho arolelana ka diphetho tsa phuputso le bankakarolo le setjhaba. 
  • Ho fana ka diphetiso tse lokelang bakeng sa dikeletso, ditshebeletso tsa thibelo ya HIV, ditshebeletso tsa kalafo ya HIV, le/kapa ditshebeletso tsa bophelo ba kelellong la setjhabeng haeba di hlokeha nakong ya phuputso. 
  • Arabela dipotso tsohle le dingongoreho tsa bankakarolo ba phuputso ka nako.
  • Tshwara bankakarolo ka tlhompho.